14. Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
15. Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele.
16. Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.
17. Bongata bo nang le yena bo ne bo paka hore o bitsitse Lasaro lebitleng, mme o mo tsositse bafung.
18. Ke ka baka leo hape ba bangata ba ileng ho mo kgahlanyetsa, kahobane ba ne ba utlwile mohlolo oo o entsweng ke yena.
19. Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.
20. Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela.
21. Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu.
22. Filipi a tla, a bolella Andrease, mme Andrease le Filipi ba bolella Jesu.
23. Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona.
24. Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata.
25. Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.