1. Eitse ha ho se ho tla feta matsatsi a tsheletseng, e ntoo ba Paseka, Jesu a fihla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, a bileng a tsoswa ke yena, a neng a le teng.
2. A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.
3. Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo.
4. Yaba e mong wa barutuwa ba hae, Judase Iskariota, mora Simone, ya neng a tla mo eka, o re:
5. Setlolo seo se ne se sa rekeleng didenare tse makgolo a mararo, tsa newa bafumanehi na?
6. A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.
7. Empa Jesu a re: Mo lese; o se boloketse letsatsi la ho epelwa ha ka.
8. Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
9. Bajuda ba bangata haholo ba utlwa hore o hona moo, mme ba tla, e seng ho bona Jesu feela, ba tla le ho bona Lasaro eo a neng a mo tsositse bafung.
10. Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro.
11. Hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, mme ba ne ba dumela ho Jesu.
12. Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
13. ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!
14. Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
15. Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele.
16. Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.
17. Bongata bo nang le yena bo ne bo paka hore o bitsitse Lasaro lebitleng, mme o mo tsositse bafung.