Johanne 11:49-57 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. E mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lona, ha le utlwisise letho.

50. Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela.

51. O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,

52. e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.

53. Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.

54. Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.

55. Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise.

56. Ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba eme tempeleng, ba re: Lona, ha le lekanya, le reng? Na a ke ke a tla moketeng?

57. Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.

Johanne 11