Johanne 11:48-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

48. Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona.

49. E mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lona, ha le utlwisise letho.

50. Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela.

51. O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,

52. e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.

53. Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.

54. Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.

Johanne 11