37. Ba bang ho bona ba mpa ba re: Eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, o ne a sitwa keng ho etsa hore enwa a se ke a shwa?
38. Jwale, Jesu a boela a hlabeha kahare ho yena, mme a ya lebitleng. Lebitla e ne e le lehaha, mme lejwe le ne le thibile monyako wa lona.
39. Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona.
40. Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?
41. Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.