Johanne 11:32-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: Morena, hojane oa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.

33. Jesu ha a mmona a lla, le Bajuda ba mo feheleditseng ba lla, a hlabeha moyeng, a sisimoha,

34. a re: Le mmeile kae? Ba re ho yena: Morena, tloo, o bone.

35. Yaba Jesu o a lla.

36. Yaba Bajuda ba re: A le ke le boneng! o ne a mo rata hakakang!

37. Ba bang ho bona ba mpa ba re: Eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, o ne a sitwa keng ho etsa hore enwa a se ke a shwa?

38. Jwale, Jesu a boela a hlabeha kahare ho yena, mme a ya lebitleng. Lebitla e ne e le lehaha, mme lejwe le ne le thibile monyako wa lona.

39. Jesu a re: Tlosang lejwe leo! Maretha, kgaitsedi ya mofu, a re ho yena: Morena, o se a nkga; hobane e se e le la bone a le mona.

40. Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?

41. Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.

42. Ke a tseba hobane o nkutlwa kamehla; empa ke buile jwalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo dumele hobane ke wena ya nthomileng.

43. Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo!

44. Yaba mofu o tswa a thatilwe matsoho le maoto ka masela, a kgurumeditswe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.

45. Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena.

Johanne 11