2. Maria ke yena ya neng a tlotsitse Morena ka setlolo, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae; Lasaro ya kulang e ne e le kgaitsedi ya hae.
3. Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula.
4. Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.
5. Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro.
6. Mme leha a ne a utlwile hobane o a kula, a hla a dula matsatsi a mabedi moo a leng teng.
7. A ntoo re ho barutuwa ba hae: A re boeleng re yeng Judea.
8. Barutuwa ba re ho yena: Rabbi, Bajuda ha ba sa tswa batla ho o tlepetsa ka majwe, o se o boela teng na?
9. Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena.
10. Empa ha motho a tsamaya bosiu, a ka kgoptjwa, kahobane ha ho lesedi ho yena.
11. Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.
12. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Morena, ha a robetse, o tla fola.
13. Athe Jesu o ne a bolela ho shwa ha hae; empa bona ba ne ba lekanya hore o bolela boroko ba ho robala.