Johanne 11:14-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele.

15. Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena.

16. Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.

17. Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng.

18. Mme Bethania o ne a le haufi le Jerusalema, sebaka e le sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano.

19. Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona.

20. Yare ha Maretha a utlwa hobane Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa; empa Maria a sala tlung.

21. Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.

22. Empa le jwale ke a tseba, hobane tsohle tseo o tla di kopa ho Modimo, Modimo o tla o fa tsona.

23. Jesu a re ho yena: Kgaitsedi ya hao o tla tsoha.

24. Maretha a re ho yena: Ke a tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.

25. Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.

26. E mong le e mong ya phelang, mme a dumetse ho nna, a ke ke a shwa le ka mohla o le mong. Na o dumela hona na?

27. Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.

28. Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa.

29. Yare ha Maria a utlwa, a phakisa a tloha, a ya ho yena.

30. Jesu o ne a eso ho fihle motseng, empa o ne a sa dutse moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng.

Johanne 11