11. Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.
12. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Morena, ha a robetse, o tla fola.
13. Athe Jesu o ne a bolela ho shwa ha hae; empa bona ba ne ba lekanya hore o bolela boroko ba ho robala.
14. Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele.
15. Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena.
16. Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.
17. Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng.