10. Empa ha motho a tsamaya bosiu, a ka kgoptjwa, kahobane ha ho lesedi ho yena.
11. Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.
12. Barutuwa ba hae ba re ho yena: Morena, ha a robetse, o tla fola.
13. Athe Jesu o ne a bolela ho shwa ha hae; empa bona ba ne ba lekanya hore o bolela boroko ba ho robala.
14. Jwale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shwele.
15. Mme ke thaba ka baka la lona, ha ke ne ke se teng, le tle le dumele; empa a re yeng ho yena.
16. Yaba Thomase, ya bitswang Didima, o re ho balekane ba hae: A re yeng le rona, re tle re shwe le yena.
17. Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng.
18. Mme Bethania o ne a le haufi le Jerusalema, sebaka e le sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano.
19. Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona.
20. Yare ha Maretha a utlwa hobane Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa; empa Maria a sala tlung.
21. Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.
22. Empa le jwale ke a tseba, hobane tsohle tseo o tla di kopa ho Modimo, Modimo o tla o fa tsona.
23. Jesu a re ho yena: Kgaitsedi ya hao o tla tsoha.
24. Maretha a re ho yena: Ke a tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.
25. Jesu a re ho yena: Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna, leha a shwele, o tla phela.