Johanne 11:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo.

2. Maria ke yena ya neng a tlotsitse Morena ka setlolo, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae; Lasaro ya kulang e ne e le kgaitsedi ya hae.

3. Bokgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: Bona, Morena, eo o mo ratang o a kula.

4. Yare ha Jesu a utlwa, a re: Ho kula hoo ha ho ise ho shweng, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.

5. Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro.

6. Mme leha a ne a utlwile hobane o a kula, a hla a dula matsatsi a mabedi moo a leng teng.

7. A ntoo re ho barutuwa ba hae: A re boeleng re yeng Judea.

Johanne 11