Johanne 10:36-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?

37. Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng;

38. empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.

39. Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.

40. Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng.

41. Ba bangata ba ya ho yena, ba re: Johanne yena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsweng ke Johanne hodima enwa ke tsa nnete.

42. Mme moo, ha dumela ba bangata ho yena.

Johanne 10