31. Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse.
32. Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?
33. Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.
34. Jesu a ba araba, a re: Na ha ho a ngolwa molaong wa lona, ho thwe: Ke itse: Le medimo?
35. Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,
36. haele nna ya halaleditsweng, ya romilweng lefatsheng ke Ntate, le ka bolela jwang, la re, ke a nyefola, ha ke itse, ke Mora wa Modimo?
37. Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng;
38. empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.
39. Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.
40. Yaba o boela a ya mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng pele; mme a dula teng.
41. Ba bangata ba ya ho yena, ba re: Johanne yena ha a ka a etsa mohlolo leha o le mong; empa taba tsohle tse boletsweng ke Johanne hodima enwa ke tsa nnete.
42. Mme moo, ha dumela ba bangata ho yena.