Johanne 10:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?

21. Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?

22. Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.

23. Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone.

24. Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ekare ha o le Kreste, o re bolelle phatlalatsa.

25. Jesu a ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke yona e mpakang.

26. Empa lona ha le dumele, kahobane ha le dinku tsa ka, jwalokaha ke se ke le boleletse.

27. Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.

28. Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.

29. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle; mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la Ntate.

30. Nna le Ntate, re bang feela.

31. Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse.

Johanne 10