Johanne 10:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba.

15. Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate; mme ke beela dinku bophelo ba ka.

16. Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka kgona ke di tlise, mme di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, modisa le yena a be mong.

17. Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.

18. Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.

19. Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo.

20. Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?

21. Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?

22. Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.

23. Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone.

24. Yaba Bajuda ba mo teela hare, ba re ho yena: O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ekare ha o le Kreste, o re bolelle phatlalatsa.

25. Jesu a ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la dumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke yona e mpakang.

26. Empa lona ha le dumele, kahobane ha le dinku tsa ka, jwalokaha ke se ke le boleletse.

27. Dinku tsa ka di utlwa lentswe la ka; ke a di tseba, mme di a ntatela.

28. Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.

Johanne 10