Johanne 10:10-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.

11. Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.

12. Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.

Johanne 10