Johanne 10:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kannetenete ke re ho lona: Ya sa keneng ka monyako lesakeng la dinku, a mpa a tlolela teng kahosele, ke leshodu le senokwane.

2. Empa ya kenang ka monyako, yena ke modisa wa dinku.

3. Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle.

4. Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae.

5. Osele di ke ke tsa mo latela, empa di ka mmalehela, kahobane di sa tsebe lentswe la osele.

6. Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.

7. Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku.

8. Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa.

9. Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.

10. Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.

11. Ke nna modisa ya molemo; modisa ya molemo o beela dinku bophelo ba hae.

12. Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.

13. Ya ruilweng o a baleha, kahobane, e le ya ruilweng feela, mme ha a re letho ka dinku.

14. Ke nna modisa ya molemo, ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba.

Johanne 10