Johanne 1:38-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:

39. Le batlang? Ba re ho yena: Rabbi, — ke ho re, moruti, ha ho fetolwa — o dutse kae?

40. A re ho bona: Tlong, le bone. Yaba ba ya, ba bona moo a dutseng teng, mme ba hlola letsatsi leo le yena; e ne e batla ho ba hora ya leshome.

41. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.

42. Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.

43. A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa.

44. Ka hosasane, Jesu a rata ho ya Galilea, mme a fihlela Filipi; a re ho yena: Ntatele!

45. Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.

46. Filipi a fihlela Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng taba tsa hae molaong, le baporofeta ba di ngodile; ke Jesu wa Nasaretha, mora Josefa.

47. Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.

48. Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a mmolela, a re: Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena.

49. Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.

50. Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo, o morena wa Iseraele!

Johanne 1