13. ba sa kang ba tswalwa ke madi, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tswetswe ke Modimo.
14. Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.
15. Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.
16. Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena.
17. Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.
18. Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.
19. Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?
20. A ipolela, a se ke a latola, a bolela, a re: Hase nna Kreste.
21. Ba mmotsa, ba re: Ke ho reng? A o Elia na? A re: Ha ke yena. A o moporofeta eo na? A araba, a re: Tjhe.
22. Yaba ba re ho yena: O mang, re tle re nee ba re romileng karabo? O reng, ha o ipolela?
23. A re: Nna, ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang tsela ya Morena; jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.
24. Mme ba romilweng e ne e le ba bafarisi.
25. Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?
26. Johanne a ba araba, a re: Haele nna, ke kolobetsa ka metsi; empa e mong o teng hara lona, eo le sa mo tsebeng;
27. ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.