3. Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.
4. Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,
5. lona le nkileng kgauta ya ka le silefera ya ka, la ba la isa mesebetsi ya ka ya bohlokwa ditempeleng tsa lona;
6. haele bara ba Juda le bara ba Jerusalema, la rekisa ka bona ho bara ba Jafane, ba tle ba iswe hole le naha ya bona.
7. Bonang, ke se ke ya ba tsosa nqalong eo le rekileng ka bona ho yona, diketso tsa lona ke di busetse hodima dihlooho tsa lona;
8. ke tla rekisa ka bara ba lona le ka baradi ba lona ho bara ba Juda, ba rekise ka bona ho Basabea, setjhaba se hole, hobane Jehova o boletse.
9. Hlabang mokgosi hara ditjhaba, ka ho re: Itlhatswetseng ntwa le tsose dinatla! A ho atamele, a ho tle banna bohle ba ntwa!
10. Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla!
11. Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!
12. A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!
13. Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.