Joele 3:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.

16. Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.

17. Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.

18. Mohlang oo, dithaba di tla kolla veine e ntjha, marallana a phalle lebese, melapo yohle ya Juda e tla nne e be le metsi a mathang; mme sediba se tla tswa tlung ya Jehova, se nosetse lehwatata la Sittime.

19. Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.

20. Empa Juda o tla hlola ka ho sa yeng kae, le Jerusalema, ho isa melokong ya meloko.

21. Ke tla phetetsa madi a bona ao ke esong ho a phetetse; mme Jehova o tla aha Sione.

Joele 3