Joele 3:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hobane matsatsing ao le mehleng eo, mohla ke kgutlisang Juda le Jerusalema kgolehong,

2. ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.

3. Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele.

Joele 3