6. Pela sona ditjhaba di a tlakasela, difahleho tsohle di fetoha mmala.
7. Ba matha jwaloka dinatla, ba hlwella lerako jwaloka banna ba ntwa; e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ha ba fapanyetsane ditsela.
8. Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe.
9. Ba matha le motse, ba matha hodima lerako, ba hlwella matlung, ba kena ka difenstere jwaloka leshodu.
10. Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.
11. Jehova o phahamisa lentswe la hae pela makgotla a hae, hobane makgotla a hae a maholo haholo, mme mophethi wa lentswe la hae o matla, hobane le leholo letsatsi la Jehova, le tshabeha haholoholo; ya ka le mamellang ke mang?
12. Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.
13. Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.
14. Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.
15. Letsang terompeta Sione! Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso, le bokelle setjhaba, le etse phutheho e mahlonoko!
16. Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!
17. Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?
18. Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.
19. Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.
20. Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.
21. Se tshabe, wena lefatshe! o thabe, o nyakalle, hobane Jehova o etsa tse kgolo!
22. Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.
23. Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.
24. Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli;
25. ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.