Joele 2:17-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?

18. Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.

19. Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.

20. Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.

21. Se tshabe, wena lefatshe! o thabe, o nyakalle, hobane Jehova o etsa tse kgolo!

22. Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.

23. Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.

24. Diotlo di tla tlala koro, ho kgaphatsehe dinkgo tse tletseng veine le oli;

25. ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.

26. Le tla ja, le be le kgore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Modimo wa lona, ya le etseditseng tse hlollang, mme setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.

27. Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.

28. Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.

Joele 2