14. Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.
15. Letsang terompeta Sione! Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso, le bokelle setjhaba, le etse phutheho e mahlonoko!
16. Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!
17. Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?
18. Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.
19. Jehova a arabela setjhaba sa hae, a re: Bonang, ke se ke le romela koro le veine le ole, le tle le kgore ke tsona; ha ke sa tla le etsa ba hlomphollwang hara ditjhaba.
20. Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.
21. Se tshabe, wena lefatshe! o thabe, o nyakalle, hobane Jehova o etsa tse kgolo!