Joele 1:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.

12. Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.

13. Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.

14. Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.

15. Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.

16. Na dijo ha di a tloswa pela mahlo a rona? Thabo le nyakallo na ha di a tloswa tlung ya Modimo wa rona?

17. Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse.

18. Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.

19. Jehova, ke bitsa ho wena, hobane mollo o qetile meraka ya lehwatata, lelakabe le tjhesitse difate tsohle tsa naha.

20. Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.

Joele 1