Joele 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Joele, mora Pethuele:

2. Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?

3. Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang.

4. Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.

5. Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.

6. Hobane setjhaba se futuhetse lefatshe la ka, ke setjhaba se matla, se sa balweng, meno a sona ke meno a tau, se na le mehlahare e jwaloka ya tau e tshehadi.

7. Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.

8. Lla, wena lefatshe, jwaloka morwetsana ya itlamileng ka lesela le mahwashe, ka baka la ya neng a tla mo nyala botjheng ba hae.

Joele 1