1. Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Joele, mora Pethuele:
2. Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?
3. Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang.
4. Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.
5. Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.