4. Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
5. O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.
6. O sisinya lefatshe motheong wa lona, ditshiya tsa lona di a tlakasela.
7. O laela letsatsi hore le se ke la tjhaba, o sirela dinaledi ka tiiso ya wona.
8. O adile mahodimo o nnotshi; o tsamaya diphahameng tsa lewatle.
9. O entse Koloi, le Makolobe, le Selemela, le maseberwana a ka nqa borwa.
10. O etsa dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.
11. Bona, o tla ho nna, mme ha ke o bone; o feta pela ka, mme ha ke o lemohe.
12. Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang?
13. Modimo ha o kgutlise kgalefo ya wona. Ha esita dikgakeletso tsa lefatshe di imelwa tlasa wona,
14. nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?
15. Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela.
16. Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;
17. wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!
18. Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.
19. Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?