Jobo 9:22-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.

23. Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.

24. Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?

Jobo 9