11. Bona, o tla ho nna, mme ha ke o bone; o feta pela ka, mme ha ke o lemohe.
12. Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang?
13. Modimo ha o kgutlise kgalefo ya wona. Ha esita dikgakeletso tsa lefatshe di imelwa tlasa wona,
14. nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?
15. Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela.
16. Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;
17. wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!
18. Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.
19. Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?
20. Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.