1. Yaba Jobo o fetola, a re:
2. Ke tseba ruri hobane ho dutse jwalo; motho ya shwang a ka loka jwang pela Modimo?
3. Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete.
4. Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
5. O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.
6. O sisinya lefatshe motheong wa lona, ditshiya tsa lona di a tlakasela.
7. O laela letsatsi hore le se ke la tjhaba, o sirela dinaledi ka tiiso ya wona.
8. O adile mahodimo o nnotshi; o tsamaya diphahameng tsa lewatle.
9. O entse Koloi, le Makolobe, le Selemela, le maseberwana a ka nqa borwa.
10. O etsa dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.