5. Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle,
6. ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng.
7. Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.
8. Hlo o botsisise meloko ya pele, o lemohe tseo bontata yona ba di fihletseng;
9. hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.
10. Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:
11. Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?
12. Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala.
13. Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;
14. tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo;
15. o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.
16. O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo;
17. metso ya sona e rarana qubung tsa majwe, e kena le mobung o majwe;
18. empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!
19. Ke hona ho fela ha katleho ya sona, mme mobung wona oo ho tla mela tse ding.