14. tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo;
15. o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.
16. O ka sefate se tletseng metsi, leha letsatsi le tjhesa, seo makala a sona a namang ho tlola motero wa tshimo;
17. metso ya sona e rarana qubung tsa majwe, e kena le mobung o majwe;
18. empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!
19. Ke hona ho fela ha katleho ya sona, mme mobung wona oo ho tla mela tse ding.
20. Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.
21. O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.
22. Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.