1. Yaba Bildade wa Shua o bua, a re:
2. Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?
3. Na Modimo o ka kgopamisa se lokileng na? Ya matla wohle a ka heletsa ho loka na?
4. Erekaha bana ba hao ba mo sitetswe, o ba neetse bokgopo ba bona.
5. Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle,
6. ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng.
7. Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.
8. Hlo o botsisise meloko ya pele, o lemohe tseo bontata yona ba di fihletseng;
9. hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.
10. Ba ka o ruta, ba ka bua le wena, ba ntsha ditaba tse ka dipelong tsa bona:
11. Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?
12. Le sa le lekgaba, leha le sa helwe, le ye le pone, dimela tse ding di sa le tala.
13. Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;
14. tshepo ya hae ke e thetsehang; o itshepisitse ka bolepo ba seokgo;
15. o itshetleha ka ntlo ya hae, ha e tiye; o itshwarella ka yona, ha e hlole.