Jobo 7:8-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!

9. Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng;

10. ha a sa na ho boela ka tlung ya hae, mme setsha sa hae ha se sa mo tseba.

11. Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.

12. Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na?

13. Ha ke re: Phate tsa ka di tla mphomotsa, ditao tsa ka di tla kokobetsa bohloko ba ka;

14. eba ke moo o ntshosang ka ditoro, o nthothometsang ka dipono;

15. ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.

16. Ke tennwe ke bophelo, ha ke rate ho nna ke phela. Ntlohele, hobane matsatsi a ka ke pudulo feela.

17. Motho keng, hore o mo hlomphe, le hore o mo hlokomele;

18. o be o mo etele ka hosasa ho hong le ho hong, mme o mo lekole ka dinako tsohle?

19. O tla lesa neng ho ntjamela ka mahlo a hao, o be o mphe sebaka sa ho metsa mathe na?

20. Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?

21. Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.

Jobo 7