Jobo 7:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.

2. Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,

3. ke wetswe jwalo ke dikgwedi tsa ho kganwetswa, mme masiu a mokgathala a beilwe kabelo ya ka.

4. Ha ke robala, ke re: Ke tla tsoha neng? bosiu bo tla sa neneng na? mme ke kgathala ke ho phethoha ho isa mafube ha a hlaha.

5. Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu.

6. Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.

7. Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;

8. leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!

9. Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng;

10. ha a sa na ho boela ka tlung ya hae, mme setsha sa hae ha se sa mo tseba.

Jobo 7