24. Pelo ya yona e thata jwaloka lejwe, jwaloka letlapa la lelwala.
25. Ha e ka tsoha, bahale ba tshoha, mme ba thethelwa ke ho tshaba.
26. Ha o ka e hlatha, tjhaka ha e kene; ha e re letho ka tsenene le lerumo le kwebe.
27. Ho yona tshepe e jwaloka jwang, le koporo jwaloka patsi e bodileng.
28. Motsu o phoswang ha o e balehise, majwe a betswang ka letjeketjane a jwaloka mooko ho yona.
29. Melamu ho yona e ka mahlokwa feela; e tsheha modumo wa marumo.
30. Mpa ya yona e mangeta a thata; e ka selei se hulwang seretseng.
31. E tsapodisa bodiba jwaloka pitsa e belang, e bedisa lewatle jwaloka pitsa ya dihlare.
32. Tsela ya yona e benya mehlaleng ya yona, ho le jwaloka hoja lewatle e le moriri o moputswa.
33. Ha ho letho le lekanang le yona lefatsheng, e entswe e le e hlokang tshabo.
34. Ha e tshabe ho tadima tsa phahameng kaofela, ke morena wa dibatana kaofela.