2. O ka kenya mohala dinkong tsa yona, le ho e phunya lehlaya ho kenya lesale na?
3. Na e tla o rapela haholo, kapa e bue le wena ka lentswe la ho o qeka na?
4. Na e tla itlama ho wena hore e tla o sebeletsa kamehla na?
5. Na o tla ya bapala le yona jwalokaha o ka etsa le nonyana, o e holehe ho bapadisa banana ba hao na?
6. Na e balwa kgwebong ke batshwasi ba dihlapi, kapa na ba ka e arolela bareki na?
7. Na o ka hlaba letlalo la yona ka dikwebe, le hlooho ya yona ka ditsenene?
8. Leka hle ho bea letsoho la hao hodima yona! ha o sa tla hlola o e qala.
9. Ha ho kamoo o ka tshepang kateng ho e hlola; ere o qala ho e bona, o ya fela pelo.
10. Ha ho mohale ya ka betang pelo ho ya e tsosa. Ha ho le jwalo, ke mang ya ka emang pela ka na?
11. Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.
12. Nke ke ka kgutsa kamoo ditho tsa yona di bopehileng kateng, le matla a yona, le botle ba sebopeho sa yona.
13. Ke mang ya ka karapang makgapetla a yona? Ke mang ya ka kenang hara mehlahare ya yona?