Jobo 41:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Na o ka tshwasa Leviathane (kwena) ka selope le ho tshwasa leleme la yona ka kgole na?

2. O ka kenya mohala dinkong tsa yona, le ho e phunya lehlaya ho kenya lesale na?

3. Na e tla o rapela haholo, kapa e bue le wena ka lentswe la ho o qeka na?

4. Na e tla itlama ho wena hore e tla o sebeletsa kamehla na?

5. Na o tla ya bapala le yona jwalokaha o ka etsa le nonyana, o e holehe ho bapadisa banana ba hao na?

6. Na e balwa kgwebong ke batshwasi ba dihlapi, kapa na ba ka e arolela bareki na?

Jobo 41