5. Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobedi, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho.
6. Yaba Jehova o fetola Jobo, a le sefefong, a re:
7. Ako itlame letheka, jwaloka monna; ke tla o botsa, o ke o nthute.
8. Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?
9. A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?
10. O ikapesa jwaloka boholo le ka bokgabane, o ikgabise ka kganya le ka botle!
11. O tshele dikgapatso tsa kgalefo ya hao, o tadime baikgohomosi bohle ho ba kokobetsa hang!
12. Tadima baikgantshi, o ba dihe; o hatakele ba bolotsana moo ba emeng teng.
13. O ba pate kaofela leroleng, o epele difahleho tsa bona lebitleng.
14. Ke moo le nna ke tla o rorisa, ke re, letsoho le letona la hao le o bolokile.
15. Tadima jwale Behemothe (kubu), eo ke e entseng jwalokaha ke o entse. E fula jwang jwaloka kgomo.
16. Bona, jwale, matla a matheka a yona, le bothata ba mesifa ya mpa ya yona.
17. E sisinya mohatla, e o tiisa jwaloka kedare; mesifa ya dirope tsa yona e lohilwe hammoho;
18. masapo a yona a ka dipompo tsa koporo, mme dikgopo tsa yona di jwaloka ditshiya tsa tshepe.
19. Ke mosebetsi o fetisisang wa Modimo; ya e bopileng o e neile lerumo.
20. E ikgella dijo tsa yona dithabeng, moo diphoofolo tsa naha di ipapallang teng.
21. E ithoballa meriting ya difate tsa lotuse, mosemeng le mahlakeng.
22. Difate tsa lotuse di e etsetsa moriti, meduwane ya noka e e kopela hare.
23. Bona, dinoka leha di ka tlala, ha e tshohe letho; e ke ke ya makala, leha Jordane e ka kgokoloha hodima hlooho ya yona.