1. Yaba Elifase wa Themane o fetola, a re:
2. Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua?
3. Bona, wa nna wa ruta batho ba bangata, wa tiisa matsoho a tepeletseng;
4. lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.
5. Jwale, wena, ha tsietsi e o hlahetse, o a fokola! Jwale, ha e o amile, o a thethelwa!
6. Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?
7. Ako elellwe: motho ke ofe ya timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng?
8. Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokgopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona;
9. ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.
10. Ho fedile ho puruma ha tau le lentswe la lengau; meno a ditawana a kgorotswe;
11. tau e tiileng e timela ke ho hloka see a se rusollang, mme madinyane a tau e tshehadi a qhalantswe.