Jobo 39:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Dithaba ke makgulo a yona, e ipatlela tsohle tse tala.

9. Na nare e tla dumela ho o sebeletsa? Na e tla robala pela sejelo sa hao na?

10. Na o ka bofella nare mohomeng ka lerapo na? Kapa na e tla phophotha makote a dikgutlo, e ntse e o latela na?

11. Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?

12. Na o tla e tshepa hore e tlise mabele a hao hae, le ho a thotha seotlong sa hao na?

13. Mpshe e pheretla ka mapheo e thabile; e ntle ka masiba le mapheo, empa ha e na lerato.

14. Hobane e ye e tlohele mahe a yona fatshe, a tle a alangwe ke lehlabathe;

15. e ntse e lebetse hobane a ka hatwa ke maoto, le hoba a ka thuhwa ke sebatana sa naha.

16. E thata ho madinyane a yona, jwaloka hola hase a yona; e tswetse feela, mme ha e hlokomele teng;

Jobo 39