Jobo 39:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. ke hobane Modimo o e timile bohlale, ha o a ka wa e nea kutlwisiso;

18. empa ha e emisa mapheo ho baleha, e tsheha pere le ya e kallang.

19. Na ke wena ya neileng pere matla a yona, ya kgabisitseng molala wa yona ka moetse o fokaelang na?

20. Na o ile wa e qotomisa jwaloka tsie na? Ho kurutla ha masoba a dinko tsa yona ho budula tshabo.

21. E fata mobu, e tlolaka mane le mane ka matla; e tlolela mahareng a dibetsa;

22. e tsheha tshabo, ha e tshohe letho, ha e kgelohele lerumo.

23. Hodima yona ho shoromana kgohlopo, ho tsekema tjhaka le lerumo.

24. E tuka mollo, e ya sisimoloha, e rusolela mobu; ha e na ho thibelwa, ha terompeta e llile.

25. Ha e utlwa tlerolo ya yona, e re: Aha! ke yona! Mme e sa le hole, e fofonela ntwa le modumo wa mantswe a bahlabani le mekgosi ya ntwa.

26. Na ke ka ketso ya kutlwisiso ya hao ha nkgodi e fofa, mme e otlollela nqa borwa mapheo a yona na?

27. A ke ka taelo ya hao ntsu e phahamang, e ye ho haha ntlo ya yona phahameng na?

28. E dula mafikeng, e ikgahella nkong ya mafika le diqhobong.

29. Ha e le teng, e lalla dijo tsa yona, mahlo a yona a bonela hole.

30. Madinyane a yona a anya madi; moo ditopo di leng teng, le yona e teng.

Jobo 39