1. Na o tseba nako eo letsa le tswalang ka yona na? Na o lemohile pelehi ya dikgama ha di tswala na?
2. Na o badile dikgwedi tsa kemaro ya tsona, le nako eo di lokolohang ka yona na?
3. Di kgumama ho tswalla manamane a tsona fatshe, di ntoo hlohlora bohloko ba tsona;
4. manamane a tsona a ipha matla, a holela naheng; a tlohe, mme eba ha a sa kgutla.
5. Ke mang ya lokolotseng pitsi, ya lokolotseng ditlamo tsa pitsi e hlaha,
6. eo ke neileng lefeella, e be moo e dulang teng? Lehwatata la letswai ke kahello ya yona.
7. E tsheha lerata la metse, lentswe la mosotetsi ha le fihle ditsebeng tsa yona.
8. Dithaba ke makgulo a yona, e ipatlela tsohle tse tala.
9. Na nare e tla dumela ho o sebeletsa? Na e tla robala pela sejelo sa hao na?
10. Na o ka bofella nare mohomeng ka lerapo na? Kapa na e tla phophotha makote a dikgutlo, e ntse e o latela na?