2. Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!
3. O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.
4. Mme hanghang, lentswe la wona le a duma, o duma ka lentswe la boholo ba wona; ha o ke o thiba mahadima, ha lentswe la wona le utlwahala.
5. Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.
6. O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.
7. Eba moo o kokobanyang matsoho a batho bohle, hore batho kaofela, bao o ba bopileng, ba tle ba o tsebe.
8. Dibatana le tsona di hahabela matsabeng a tsona, di botha mesimeng ya tsona.
9. Sefefo se tswa borwa, mme moya o tswang leboya o tlisa serame.
10. Ka pudulo ya Modimo, ho hlaha leqhwa, metsi a matsha a hwama.
11. Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;
12. mme wona a iphetolele kahohle kamoo o a laelang kateng, a tle a sebetse hohle hoo o ho laetseng lebaleng la lefatshe;
13. e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.
14. Oho Jobo, sekehela taba tseo ditsebe tsa hao; ema, o nahane mehlolo ya Modimo.
15. Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?