Jobo 36:7-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.

8. Empa ha ba holehilwe ka mahlaahlela, ba tlamilwe ka dikgole tsa hlokofatso,

9. ke moo Modimo o ratang ho ba senolela diketso tsa bona le ditlolo tsa boikgohomoso ba bona;

10. ke moo o thibollang ditsebe tsa bona hore di mamele tayo, mme o ba laelang ho tela bobe.

11. Ha ba ka utlwa, mme ba o dumela, ba tla qetella bophelo ba bona lehlohonolong, le dilemo tsa bona thabong;

12. empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.

13. Ba pelo tse ikakasang ba ipokellela bohale; ha ba rapele ha Modimo o ba tlama.

14. Ba shwa ba sa le batjha; bophelo ba bona bo tshwana le ba dihlola.

15. Empa o lokolla ba hloriswang matswalong a bona, o ba eletsa ka mahlomola.

16. O tla o lokolla jwalo dinaleng tsa matshwenyeho, ho o bea sebakeng, moo o ke keng wa patiswa; dijo tse hlabosang di tla bewa tafoleng ya hao.

17. Empa ha o ka tlala kgopolo ya molotsana, kotlo e tla latelana le kahlolo.

18. Empa bohale ba hao bo se ke ba o isa nyefolong, mme boholo ba tefo eo o ka e ntshang bo se ke ba o kgelosa.

19. Leruo la hao na le ka o ntsha tsietsing na, leha e le matla wohle ao o ka etsang ka wona na?

20. O se ke wa lakatsa bosiu bo tlang ho tlosa batho ditulong tsa bona.

21. O itise, o se ke wa sekamela bobeng, hobane etlaba o bo rata ho fetisa mahlomola.

22. Bona, Modimo o phahamile ka matla a wona; na moruti o teng ya kang wona?

Jobo 36