Jobo 36:17-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Empa ha o ka tlala kgopolo ya molotsana, kotlo e tla latelana le kahlolo.

18. Empa bohale ba hao bo se ke ba o isa nyefolong, mme boholo ba tefo eo o ka e ntshang bo se ke ba o kgelosa.

19. Leruo la hao na le ka o ntsha tsietsing na, leha e le matla wohle ao o ka etsang ka wona na?

20. O se ke wa lakatsa bosiu bo tlang ho tlosa batho ditulong tsa bona.

21. O itise, o se ke wa sekamela bobeng, hobane etlaba o bo rata ho fetisa mahlomola.

22. Bona, Modimo o phahamile ka matla a wona; na moruti o teng ya kang wona?

23. Ke mang ya ka o rutang tsela ya wona?

24. Ke mang ya ka reng ho wona: O etsa hampe? O se ke wa lebala ho hodisa mesebetsi ya wona e roriswang ke batho ka dithoko.

25. E bohuwa ke batho kaofela, ba e tadimela hole!

26. Bona, Modimo o moholo, re ke ke ra o tsebisisa, bokae ba dilemo tsa wona bo ke ke ba fumanwa.

27. O hula marothodi a metsi, mohodi oo o o bopang ka wona o hlotlha dipula

28. tse tshelwang ke maru, o di nesetsa hodima batho ka medupe.

29. Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?

30. Bona kamoo o hasang lesedi kateng pela wona, kamoo o ikwahelang ka botebo ba lewatle kateng.

31. Ke tseo o otlang batho ka tsona; ke tseo o hlahisang nala ka tsona.

32. O nkile letolo matsohong a wona, o le laela ho otla bakgopo.

33. Modumo wa wona o a o utlwahatsa, esita le diphoofolo di a o utlwa, ha o atamela.

Jobo 36