1. Elihu a boela a ntshetsa ditaba pele, a re:
2. Ako mpehele pelo hanyenyane, ke tle ke o lemose, hobane ke sa na le seo nka buellang Modimo ka sona.
3. Ke tla lata tsebo ya ka hole, ke tle ke bontshe ho loka ha Mmopi wa ka.
4. Hobane ruri dipolelo tsa ka e ke ke ya eba tsa leshano: pela hao ho eme ya phethehileng tsebong.
5. Bona, Modimo o matla, empa ha o nyedise motho; o moholo ka matla a kutlwisiso ya wona.
6. Ha o boloke bophelo ba molotsana; o ahlolela ba tujwang.
7. Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.
8. Empa ha ba holehilwe ka mahlaahlela, ba tlamilwe ka dikgole tsa hlokofatso,
9. ke moo Modimo o ratang ho ba senolela diketso tsa bona le ditlolo tsa boikgohomoso ba bona;
10. ke moo o thibollang ditsebe tsa bona hore di mamele tayo, mme o ba laelang ho tela bobe.
11. Ha ba ka utlwa, mme ba o dumela, ba tla qetella bophelo ba bona lehlohonolong, le dilemo tsa bona thabong;
12. empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.