20. ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;
21. ha dinama tsa hae di fela, ho senyeha botle ba hae, mme ho bonwa masapo feela a hlobodisitsweng;
22. ha moya wa hae o se o atametse lebitla, mme bophelo ba hae bo se bo tla kgaolwa.
23. Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng,
24. eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.
25. Ke ha nama ya hae e se e ntjhafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o kgutlela matsatsing a botjha ba hae.
26. Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.
27. O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka;
28. o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi.
29. Bona, Modimo o etsa tseo tsohle habedi, hararo, ho motho,
30. ho kgutlisa moya wa motho lebitleng, hore a tle a bonesetswe ke lesedi la bophelo.
31. Mamela, Jobo, o be o nkutlwe! o thole, mme ke tla bolela!
32. Ha o ena le pelaelo, o nkarabe; bua, hobane ke rata ho o lokafatsa!
33. Ha ho se jwalo, o mmamele: Thola, mme ke tla o ruta bohlale.